Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong
Bukatataiso
Lenane la Dikahare
Selelekela ka Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo 1
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)???????? 4
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) ke eng? 6
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSA) le melao e meng 8
Pale ya Tshimolloho ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) 12
Mesebetsi ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) 14
Sebopeho sa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) 15
Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo 15
Ditsha tsa Bolaodi bo ka Sehloohong 17
a Merafo ya Kgauta le Polatinamo 20
b Mashala le Dirafshwa tsa Mabopong 20
Ditsha tsa Bolaodi bo Ikgethang 22
a Polokeho Merafong 23
b Disebediswa tsa Merafong 23
c Ditekolo tsa Lefatshe Merafong 24
d Tlhweko Mosebetsing 25
e Meriana Mosebetsing 26
f Tshehetso ya Botsamaisi le Taolo ya ka Hare 27
Bohlahlobi ba Mabatowa 33
Tshebetso ya Bophelo bo Botle le Polokeho ya Indasteri ya Merafo 41
Dintlha tsa bao ho ka Iteangwang le Bona 43
Tlotlontswe ya Dikgutsufatso
Selelekela ka Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo
Indasteri ya merafo Afrika Borwa e na le seabo se seholohadi moruong ka kakaretso. Ka selemo sa 2000, tlhahiso ya merafong e entse nyehelo e fetang 60% ho Tlhahiso e Kgolwane ya ka Hara Naha (Gross Domestic Product ? GDP). Ho feta moo, tlhahiso ya mashala e fana ka mohlodi wa mantlha wa eneji e sebediswang ke indasteri ya ho fehla motlakase Afrika Borwa, mme yona ke moromedi e moholo wa eneji kantle ho naha. Ka hodima moo, dihlahiswa tsa tshepe le tseo e seng tsa tshepe di na le seabo se seholohadi indastering ya kaho mme di tshehetsa kaho le paballo ya popeotheo ya sebele ya naha ena.
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo ikarabela ka tshireletso ya bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi ba merafong le batho ba bang ba angwang ke mesebetsi ya merafong. Bo phehella ho fokotsa diketsahalo tsa ho tswa kotsi le ho kula mosebetsing mme ka hoo he, bo hlwaile diphepetso tsa bophelo bo botle le polokeho mosebetsing tse tjamelaneng le indasteri ya merafo.
Ho boima ho lekanya le ho laola sekgahla ho bophelo bo botle mosebetsing kaha boholo ba ditlamorao ho bophelo bo botle e se tsa hang hang. Mafu a matshwafo a hlahileng mosebetsing mmoho le tahlehelo ya kutlo e bakilweng ke lerata mosebetsing ke dintlha tse pedi tsa bohlokwa ho tsa bophelo bo botle mokgeng wa merafo tse hlahang ka lebaka la kgahlamelo ya nako e telele ho tshilafalo le lerata.
Mokga wa merafo ya kgauta e sa ntse e le wona mohiri e moholo indastering ya merafo mme kahoo he, basebetsi ba mokga ona ba kotsing e kgolwane ya mathata a phefomoloho papisong le ditshebetso tse ding tsa merafo. Lefu le kgathatsang haholo la matshwafo le hlahang mosebetsing wa merafo ya kgauta ke silikhosis, mme lona le hlaha mefuteng yohle ya merafo ya mafika a thata, ho etswa ha ditonele, dikwari le ho ripitlwa ha mafika, moo ho hlahiswang dikarolwana tsa silikha e dithollo. Ka bobedi kgahlamelo ya silikha le silikhosis ke dintho tse ka bakang lefuba. Silikhosis e boetse ke ntho e kgathatsang haholo merafong ya mashala.
Lerata le nnile la amohelwa ka ho eketsehileng jwalo ka kotsi e kgolohadi ya bophelo bo botle bakeng sa basebetsi indastering ya merafo Afrika Borwa. Indasteri ena e ile ya hlahisa mananeo a paballo ya kutlo ka 1988, hobane mekgwatshebetso e batlang basebetsi ba bangata haholo e tlwaelehileng ditshebetsong tse ngata tsa ho rafa le ho sebetsa diminerale e ne e ba le sephetho sa hore palo e kgolo ya batho e kgahlamelwe ke lerata le ka nnqane ho le amohetsweng semolao jwalo ka le bolokehileng la 85 dB.
Leha ho na le mehato ya mananeo a paballo ya kutlo, boenjinere ba taolo ya lerata ho laola kotsi e ka hlahang, bothata bona bo sa ntse bo le boholo haholo. Ho akangwa hore ke dipersente tse pakeng tsa 68 le 80 tsa basebetsi ba merafong ba kgahlamelong ya palohare ya nako e etsang 85 dB kapa ho feta, mme sena se bontsha kotsi e kgolohadi ya tahlehelo ya kutlo bakeng sa bongata ba basebetsi indastering ena.
Diphepetso tse ka sehloohong tsa polokeho mosebetsing di merafong ya kgauta le polatinamo. Dilemong tse mmalwa tse fetang, merafo ya polatinamo e nnile ya eketseha ka ho bonahalang, mme e theha mesebetsi e mengata. Ka bomadimabe, sena se ekeditse sekgahla sa ho tswa dikotsi. Ditlwaelo tsa ha jwale di bontsha hore thupelo le ho lebelwa ha basebetsi mokgeng wa polatinamo ke dintho tse saletseng morao papisong le kgolo ya indaseterei ena.
Indasteri ya merafo ya kgauta e na le seabo se ka sehloohong dikotsing tse amanang le merafo, haholoholo ka lebaka la basebetsi ba bangata le jioloji. Leha e le hore ho nnile ha ba le phokotseho ya basebetsi merafong ya kgauta dilemong tse mmalwa tse fetang, phokotseho ena ha e bonahale ntlafalong ya polokeho nakong e tshwanang. Leha e le hore diphapang tse bonahalang di ka hlaha ka lebaka la mefuta ya ho rafa e phethwang ekasita le diphapang tse keneletseng tsa maemo a kotsi a merafo, maemo ana a kotsi a merafo a hloka ditaolo tse kgolwane le tse sebetsang hantle.
Dipalopalo di bontsha hore diketsahalo tsa ho heleha ha mafika di dula e le mokgahlelo e moholohadi wa dikotsi le sesosa se ka sehloohong sa batho ba hlokahalang merafong ya Afrika Borwa. Tahlehelo ya maphelo le palo ya dikotsi tse mpe tse hlahang ha jwale indasetereing ena ke dintho tse ka fokotswang haholo feela ka ho kgetha le ho kenya tshebetsong ditekgeniki tse teng tse loketseng tsa taolo le ho netefatsa hore ho bolokwa ka mafolofolo maemo a hodimo a taolo ya boemo.
Tshebetso ya polokeho merafong e menyane le yona ke ntho e kgathatsang hobane sekgahla sa yona sa dikotsi ke se phahameng haholo. Thupelo e haellang le mehlodi ke dintho tse hlwauweng jwalo ka sesosa. Boramosebetsi mokgeng ona ba hloka thuso ho netefatsa hore ho ba le polokeho merafong mme ho na le matsapa a fapafapaneng a tswelang pele ho fana ka tshehetso e hlokehang. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo tshehetsa matsapa a haolang le mokga ona a jwalo ka ntshetsopele ya merafo e menyane. Qetellong, bohlahlobi bo ameha matsapeng a ho lwantshana le HIV/AIDS. Bo tshehetsa matsholo a ho tlisa temoho le diprojeke tse tobisitsweng ho fokotseng boteng bo eketsehileng ba HIV/AIDS indastering ya merafo. Bohlahlobi bo boetse bo tsamaisa Komiti ya Mekga e Meraro ya HIV/AIDS mokgeng wa merafo.
Leha e le hore diphepetso tse tjametseng mokga wa merafo e le tse ngata le tse fapafapaneng, mokgwa o matla wa ba amehang o akaretsang basebetsi le boramosebetsi le mmuso, o fana ka motheo o matla oo ho ka sebeletswang hodima wona.
M Hermanus
Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke eng?
Lefapha la Diminerale le Eneji le fana ka taolo e phethahetseng ya di-indasteri tsa diminerale le eneji mona Afrika Borwa ho netefatsa hore ho na le kgolo ya moruo le ntshetsopele. A mang a maikemisetso a Lefapha ke ho netefatsa hore di-indasteri tsena ke dibaka tsa tshebetso tse bolokehileng le tse nang le bophelo bo botle. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo phetha mesebetsi ena lebitsong la Lefapha la Diminerale le Eneji, mme ke bona bo tadinngweng ka ho ka sehloohong phatlalatsong ena.
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo ne bo thehwe ho sireletsa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi le batho ba bang merafong. Ponelopele ya bona ke ho phethahatsa maikarabelo a bona seprofeshenale, ka ho sebetsang hantle le ka bokgabane ho tsamaisana le maemo a merafong a bophelo bo botle le polokeho a amohelehileng mona lapeng le a ka bapiswang le a dinaha tsa matjhaba.
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, bo eteletsweng pele ke Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo, bo na le kantoro e le nngwe ya naha le tse robong tsa mabatowa. Dikantoro tsena di wela tlasa taolo ya Ditsha tse fapafapaneng tsa Bolaodi bo ka Sehloohong.
Mesebetsi ya mantlha ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke ho hlahloba merafo, ho fuputsa le ho tshwara dipatlisiso ka dikotsi le diketsahalo tse ding tsa bophelo bo botle le polokeho, le ho netefatsa hore ho tsamaisanwa le Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (Mine Health and Safety Act ? MHSA), wa bo-29 wa 1996, oo thomo e ka sehloohong ya Bolaodi e hlahang ho wona. Matla a Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong a ho netefatsa ho latelwa ha Molao a kenyeletsa ho ntshuwa ha ditsebiso tsa phethahatso kapa tsa ho kwalwa, ho behwa ha dikotlo tsa tsamaiso le ho kgothaletswa ha botjhutjhise.
Maikemisetso a Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke ho netefatsa hore diminerale di rafshwa ka polokeho tlasa maemo a tshebetso a nang le bophelo bo botle. Kahoo he, Bohlahlobi bo tsepamiseditse maikemisetsong ana a alatelang a ka sehloohong:
Ho ntshetsa pele le ho boloka leano le sebetsang hantle mmoho le melao e sebetsang hantle le popeotheo ya ho netefatsa ho latelwa ha yona;
Ho fokotsa dikotsi tse hlahang mosebetsing le ho kula mokgeng wa merafo;
Ho ntlafatsa tsamaiso ya tlhahisoleseding le ho fihlella tlhahisoleseding; le
Ho nyalanya mesebetsi ya Bohlahlobi le tse tlang pele-pele tsa naha ho ya ka leano ho:
Fokotsa bofuma le ho se lekane ka ho sebeletsa merafo e seng ya semolao le e menyane;
Tshehetsa thupelo le ntshetsopele lekaleng la Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing; le
Hore bo fihlelle maikemisetso ana, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo sebedisa:
Ditshebedisano tsa kopanelo tse ahang hodima dibopeho tsa semphato sa mekga e meraro hore ho tluwe le ditsela tse ntjha tsa ho sebetsana le diphepetso tsa bophelo bo botle le polokeho;
Netefatso e matla ya ho latelwa ha Molao le dipehelo tsa wona; le
Ho thehwa ho ntlafetseng ha melawana ka mora ditherisano tse batsi le bohle ba amehang indastering.
Tshebedisano ya bomphato ba mekga e meraro, tekodisiso ya dikotsi, tekanyo e yang ka leano, dihlahlobo tsa semolao le tsa tlwaelo, diphuputso le dipatlisiso, ke dintho tseo e leng tsa mantlha tshebetsong e kgabane ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Leha ho le jwalo, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo hloka thuso ya setjhaba sohle sa tsa merafo hore bo fihlelle dipheo tsa bona hobane bo molemong wa bohle.
Ebe Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSA) ke eng?
MHSA ke kgutsufatso e emetseng Mine Health and Safety Act, 29 of 1996 (Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, wa bo-29 wa 1996 ? ?Molao?). Ke motheo wa semolao wa ho laola bophelo bo botle le polokeho mosebetsing indastering ya merafo Afrika Borwa.
Ebe dikamano ke dife pakeng tsa Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSA) le Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)?
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke wona o thehileng Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Bona bo eteletswe pele ke Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo (Chief Inspector of Mines ? CIOM), ya nang le boikarabelo ba ho ntshetsa pele le ho netefatsa hore ho tsamaisanwa le Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ke hobaneng ha re hloka Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong?
Basebetsi ba merafong ba kgahlamelong ya dikotsi tsa lerata, ho thothomela ha lefatshe, motjheso le mohatsela, kgatello ya mesebetsi e phetaphetwang, dikhemikhale tse kotsi, disebediswa tse nang le mahlasedi a kotsi, mmoho le maemo a ka bang a kotsi a kgase le lerole la mashala. Ba tshwarwa ka ho sa lekaneng ke ditahlehelo tsa kutlo, silikhosis, nyomokhoniosis, lefuba, lefu le bakwang ke asebesetose le kankere ya matshwafo.
Ba monyetleng wa ho hahlamelwa ke dikotsi tse jwalo ka ho heleha ha mafika, mekgwa ya dipalangwang le metjhine e tsamayang, le kgase e ka tukang mmoho le lerole la mashala. Dintho tsena di nka maphelo a batho selemo le selemo. Kahoo he, ke ha bohlokwa haholohadi hore ho laolwe bophelo bo botle le polokeho mosebetsing merafong ya Afrika Borwa ka mokgwa wa Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le melawana ya wona.
Ebe Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o ne o qale hokae?
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, wa bo-29 wa 1996 o ne o nke sebaka sa mokgwa o neng o laola bophelo bo botle le polokeho mosebetsing, oo wona o neng o itshetlehile ka Molao wa Merafo le Mesebetsi wa bo-3 wa 1911. Wona o ne o latelwe ke Molao wa Merafo le Mesebetsi wa bo-3 wa 1956, o ileng wa hlakolwa ka 1991. Taolo ya bophelo bo botle le polokeho merafong e ile ya kenyeletswa Molaong wa Diminerale wa 1991. Molao ona o ne o sebetsana le dintlha tsohle tsa taolo ya diminerale. Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o hlahile ho tswa ho tshebetso e keneletseng ya tekodisiso botjha ya leano e ileng ya qala ka Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon. Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o nnile wa ba tshebetsong ho tloha ka la 15 Pherekgong 1997.
Ebe Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon ke eng?
Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon hodima polokeho le bophelo bo botle indastering ya merafo e ne e eteletswe pele ke Moahlodi ya Kgabane R.N. Leon. Sepheo sa yona e ne e le ho fuputsa dintlha tsohle tsa taolo e molaong ya bophelo bo botle le polokeho indastering ya merafo le ho etsa ditshisinyo ho Mopresidente wa Naha. Tsona di ne di kenyeletsa dintlafatso melawaneng e neng e le teng le ho kengwa tshebetsong ha yona papisong le maemo le seemo sa matjhaba se neng se le teng indastering. Khomishene ena e ne e kgethwe ka Mmesa 1993. E ile ya tshwara diboka tsa ho mamela bopaki ka Phato le Loetse 1994, mme ya phatlalatsa tlaleho le dikgothaletso ka mmesa 1995.
Ebe Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke jwang o batlang ho sireletsa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi le batho ba bang merafong?
Ka ho ?
kgothaletsa tlwaelo ya bophelo bo botle le polokeho merafong;
lokisetsa ho netefatswa ha ho tsamaisana le mehato ya bophelo bo botle le polokeho;
lokisetsa mokgwa o loketseng wa seabo sa basebetsi/boramosebetsi le Mmuso bophelong bo botle le polokeho;
theha ditsha tse nang le kemedi tsa semphato sa mekga e meraro ho lekodisisa botjha melao, ho ntshetsa pele bophelo bo botle le ho matlafatsa diphuputso tse tobisitsweng ka nepahalo;
lokisetsa mekgwa e sebetsang hantle ya bolebedi, dihlahlobo, diphuputso le dipatlisiso;
kgothaletsa thupelo le ntshetsopele ya basebetsi;
laola mesebetsi ya boramosebetsi le basebetsi mabapi le ho hlwaya dikotsi le tekodisiso ya dikotsi tse ka hlahang;
tiisa tokelo ya ho hana ho sebetsa maemong a kotsi; le phethahatsa maitlamo a molao wa batho wa matjhaba wa Afrika Borwa.
Ebe ditlhapiso tsa basebetsi bakeng sa ho tswa dikotsi mosebetsing le tsona di laolwa ke molao ona?
Mabapi le Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ebe ho na le melao e meng e sebetsang indastering ya merafo?
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, oo e leng wona molao o ka sehloohong wa ho laola bophelo bo botle le polokeho mosebetsing merafong, o neha Letona matla a ho hlahisa popeotheo ya bolaodi. Dintlha tse ka sehloohong tsa yona ke ditaelo, mmoho le ditataiso bakeng sa mekgwa e tlamang ya tsamaiso. Popeotheo ya taolo e hlahisitswe ho fihlella maikemisetso a Molao le ho bea ditlhoko tsa wona. Ho ya ka karolo ya 80 , Letona le ka nna la sebedisa melao e meng merafong ka mora ditherisano le Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le ho hlahisa sena Koranteng ya Mmuso. Ka ditherisano le Letona la Bophelo bo Botle mmoho le Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, Letona le ka boela la kenyeletsa Shejule ho Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho fanyeha kapa ho fetola tshebetso ya Molao wa Malwetse a Mosebetsing Merafong le Ditshebetsong (Molao wa bo-78 wa 1973), ntle feela le mabapi le ho behwa kapa ho lefuwa ha ditlhapiso. Ho na le Melao e meng e sebetsang indastering ya merafo, ho tea mohlala, Molao wa Metsi le Molao wa Diqhomane. Leha ho le jwalo, yona e wela kantle ho matla a phatlalatso ena.
Ebe ditokelo le maikarabelo a batho ba sebetsang merafong ke afe?
Molao ona o tiiselletsa ditokelo tsa motheo tsa basebetsi tse amohetsweng lefatsheng ka bophara sedikadikweng sa bophelo bo botle le polokeho. Tsona ke tokelo ya ho ba le seabo bophelong bo botle le polokeho, tokelo ya ho fumana tlhahisoleseding ya bophelo bo botle le polokeho, tokelo ya ho fumana thupelo le tokelo ya ho ikgula kotsing sebakeng sa tshebetso. Dipehelo tse keneletseng di lokisetsa ho kgethwa le ho sebetsa ha baemedi ba bophelo bo botle le polokeho le dikomiti merafong. Molao ona o bea maikarabelo a bohlokwa haholo ho basebetsi kapa batho ba bang ba angwang ke mesebetsi ya merafong.
Pale ya Tshimolloho ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo qadile jwang le neng?
Bo ile ba thehwa ka mora dikgothaletso tsa Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon ho maemo a bophelo bo botle le polokeho merafong ya Afrika Borwa . Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (wa bo-29 wa 1996) o ile wa theha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho jwalo ka ejensi e ka thoko ya tsamaiso ka hara Lefapha la Diminerale le Eneji.
Ke hobaneng ha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho e le lekala le ka thoko?
Khomishene ya Leon le mekgatlo e neng e na le thahasello e ileng ya etsa ditshwaelo dipatlisisong, di ne di na le boikutlo ba ntsweleng ba hore bohlahlobi ba nako eo ba merafo bo ne bo hlwilwe setha ke mesebetsi e meng e neng e sa amane le bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi. Ho ile ha etswa kgothaletso hore ho thehwe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ka tsepamisetso e ikgethang ho ditaba tsa bophelo bo botle le polokeho merafong.
Ntle le Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ebe Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o theha ditsha tse ding hape?
Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong o theha ditsha tse hlano tsa semphato sa mekga e meraro ?
Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSC);
dikomiti tse tharo tsa nako tsohle tsa Lekgotla (Komiti ya Boeletsi ka Taolo Merafong MRAC), Komiti ya Boeletsi ka Bophelo bo Botle sebakeng sa Mosebetsi Merafong (MOHAC) mmoho le Komiti ya Boeletsi ka Diphuputso tsa Polokeho Merafong (SIMRAC); le
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Merafong (MQA).
Ditsha tsena tsa boemedi tsa semphato sa mekga e meraro di ne di thehwe ho kgothaletsa tlwaelo ya bophelo bo botle le polokeho, ho hlahisa melawana le ho bea leihlo hodima diphuputso ka bophelo bo botle le polokeho. Setsha sa pele, Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, se eletsa Letona ditabeng tsa bophelo bo botle le polokeho ka Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo, ha dikomiti tse nyane tse tharo tsa nako tsohle, Komiti ya Boleetsi ka Taolo Merafong, Komiti ya Boeletsi ka Bophelo bo Botle sebakeng sa Mosebets Merafong mmoho le Komiti ya Boeletsi ka Diphuputso tsa Polokeho Merafong, di eletsa Lekgotla mabapi le melawana, bophelo bo botle mosebetsing, mmoho le diphuputso mabapi le bophelo bo botle le polokeho ka ho hlahlamana.
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Merafong (MQA)
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Merafong ho hlokeha hore bo eletse Letona hodima ditaba tsa thupelo le thuto, le ho hlahisa maemo a thuto le thupelo ho latela Molao wa Ntshetsopele ya Botsebi.
Ponelopele ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Merafong ke ho etsa hore botsebi bo lekaneng le bo loketseng ba tsebo (bokgoni bo ka sebediswang) bo ba teng indastering ya merafo hore e be le seabo ho:
Ntshetsopele le ho tlisa diphetoho indastering ya merafo.
Indasteri ya merafo e bolokehileng, e nang le bophelo bo botle, e nang le tlhahiso le e nang le tlhodisano.
Ntshetsopele ya phihlelleho ya thuto le thupelo tsa boleng bakeng sa bohle.
Ho lokiswa ha ho se lekalekane ha nako e fetileng thutong le thupelong.
Mesebetsi e ka sehloohong ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Merafong ke:
ho hlahisa Maemo le Mangolo a Thuto a Beilweng bakeng sa Mokga.
ho boloka Boleng ba Maemo, Mangolo le Phumantsho ya Thupelo.
ho hlahisa le ho kenya Moralo wa Botsebi wa Mokga tshebetsong.
ho aba dithuso ho tswa ho Letlole la Tefiso ya Ntshetsopele ya Botsebi.
ho theha, ho ngodisa, ho tsamaisa le ho kgothaletsa Tsamaiso ya Mananeo a Baithuti le Boithutwana.
Ebe lereo lena ?semphato sa mekga e meraro? le akaretsa eng?
Le hlalosa ba amehang ba tsamaisang ditsha (mmuso, mekgatlo ya basebetsi le boramosebetsi) mmoho le seabo sa bona ho ralweng ha melao le ho etsweng ha diqeto. Diqeto tse etswang ka kopanelo kapa ka mora ditherisano le ba amehang ka kakaretso di tla ba le monyetla o moholwanyane wa ho amohelwa jwalo ka tse molaong.
Ebe maemo a Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke bofe ka hara Lefapha la Diminerale le Eneji?
Lenaneo la Kgothaletso ya Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le netefatsa ho rafshwa ho bolokehileng ha diminerale tlasa maemo a nang le bophelo bo botle a ho sebetsa, ha Lenaneo la Ntshetsopele ya Diminerale le kgothaletsa ho rafshwa le ho sebediswa ho nang le tlhophiso e ntle le ho tswelang pele ha mehlodi ya diminerale. Qetellong, Lenaneo la Tsamaiso ya Eneji le ntshetsa pele mehlodi ya eneji le ho kgothaletsa tshebediso e phethahetseng ya yona.
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo etsa eng ka hara Lefapha la Diminerale le Eneji?
Lefapha le Diminerale le Eneji le tadima Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong jwalo ka bo kenyang letsoho ho a mararo a maikemisetso a lona a ka sehloohong.
Ho laola di-indasteri tsa diminerale le eneji ho ba ditikoloho tsa tshebetso tse bolokehileng le tse nang le bophelo bo botle.
Ho rala le ho kenya tshebetsong leano le akaretsang la diminerale le eneji ho netefatsa hore mehlodi ya diminerale le eneji e sebediswa ka ho phethahala.
Ho lokisetsa indasteri ya diminerale le eneji ho lokela tlhodisano ya dinaha tsa matjhaba.
Maikemisetso a mabedi a setseng ke:
Ho kenya letsoho ho ntshetsopele e sebetsang hantle le e ka bolokwang e tswella ya mehlodi ya diminerale le eneji.
Ho lokisa ho se lekalekane ha nako e fetileng le ho kgothaletsa kabo botjha e nang le tekatekano ya melemo ho tswa thekisong ya mehlodi ya diminerale le eneji.
Ka lebaka la sena, ho ka nna ha thwe Bohlahlobi jwalo ka karolo ya Lefapha la Diminerale le Eneji bo na le boikarabelo bo itseng ba ho hlokomela maikemisetso a mmuso a moruo ho boloka di-indasteri tsa diminerale le eneji tse kgabane le tse nang le tlhodisano.
Ebe ke hobaneng ha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong e le ba bohlokwa?
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo qobella ho kenngwa tshebetsong ha melao. Kahoo he, le bona e ntse le ba bohlokwa jwalo ka Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong kaha boleng ba melao e metle bo atisa ho lahleha haeba mmuso o hloleha ho fana ka matla a sebetsang hantle a ho kenya tshebetsong.
Mesebetsi ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)
Ebe dipheo tsa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke dife?
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong:
bo netefatsa hore ho tsamaisanwa le dipehelo tsa Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong wa bo-29 wa 1996, mme di kenngwa tshebetsong, ka ho tshwara dihlahlobo, ditekodisiso, diphuputso le dipatlisiso;
bo hlahisa le ho kenya tshebetsong maano a ho kgothaletsa bophelo bo botle le polokeho ya batho merafong le motho ofe kapa ofe ya angwang ke mesebetsi ya merafong;
bo ba le seabo ditherisanong tsohle le dibopeho tsa semphato sa mekga e meraro hodima maano a bophelo bo botle le polokeho, melao, ditataiso hodima dikhoutu tsa maitshwaro, diphuputso, thuto, thupelo, le ntshetsopele indastering ya merafo;
bo netefatsa hore boramosebetsi ba hlwaile dikotsi le ho theha mehato ya ho fedisa, ho laola le ho fokotsa dikotsi tse ka bang teng tsa bophelo bo botle le polokeho merafong;
bo bokella, bo sebetse le ho phatlalatsa tlhahisoleseding e amanang le bophelo bo botle le polokeho indastering ya merafo;
bo eletsa Letona hodima ditaba tsa bophelo bo botle le polokeho, ekasita le tse amanang le thuto le thupelo indastering ya merafo mme bo laola dintlha tsa tikoloho merafong tse ka nnang tsa ama bophelo bo botle kapa polokeho ya basebetsi kapa batho ba bang, ka ditherisano le Molaodi wa Ntshetsopele ya Diminerale;
bo fuputsa le ho batlisisa dikotsi le mathata a bophelo bo botle mosebetsing mme bo netefatsa hore ho nkuwa mehato ya tokiso, ho kenyeletswa le ho hlwauwa le ho ba le seabo diphuputsong tse loketseng;
bo netefatsa hore ho rerisanwa le basebetsi ditabeng tse amanang le bophelo bo botle le polokeho merafong;
bo bea leihlo hodima maemo a bophelo bo botle le polokeho merafong, mme bo ba le seabo ho behweng ha maemo le ho hlahiswa ha melao ke dinaha tsa matjhaba mme bo netefatsa hore ho tsamaisanwa le ditlameho tsa Afrika Borwa tsa molao wa matjhaba tse mabapi le bophelo bo botle le polokeho.
Ebe mesebetsi ya mantlha ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke efe?
Mesebetsi ya mantlha ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke ho hlahloba merafo, ho fuputsa le ho tshwara dipatlisiso hodima dikotsi le diketsahalo tse ding tse amanang le bophelo bo botle le polokeho le ho netefatsa hore ho tsamaisanwa le Molao.
Ka hodima dihlahlobo tse tlwaelehileng tsa ka mehla tsa merafo, ebe ke eng seo Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho hlokehang hore bo se etse?
Ho hlokeha hore Bohlahlobi bo:
hlahlobe le ho sekaseka Meralo ya Ntshetsopele ya Makeishene, bo netefatsa hore dikaho tsa matlo a matjha ha di sitisane le mehlodi ya diminerale kapa ho hauwa lefatsheng le sa bolokehang le so kang le rafuwa ka ho lekaneng;
kenele diboka tsa setjhaba tsa ho mamela bopaki bakeng sa ditletlebo kgahlanong le indasteri ya merafo;
kenele dinyewe ka mora dikotsi tse bolaileng batho;
kenele dinyewe ka mora dikotsi tse ding tse mpe haholo, hlahlobe Dikhoutu tsohle tsa Tsamaiso tse rometsweng ke merafo e ngodisitsweng;
tsamaise Sekema sa Kgau ya Polokeho sa Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong;
fane ka dipalopalo tse nepahetseng tsa dikotsi; mme thusa ho behweng ha ditefiso tsa lekgetho.
Ebe mesebetsi e ka sehloohong ya ntlokgolo ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke efe?
Ntlokgolo ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong e na le seabo sa tataiso ka ho tsamaisa, ho laola le ho hokahana le Dikantoro tsa Mabatowa. Ntlokgolo ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong eo boetse e ikarabela bakeng sa ho hlahisa maano le melao mme bo hlahisa Dikhoutu tsa Tsamaiso, ekasita le ditokomane tse ding tsa tataiso bakeng sa indasteri.
Sebopeho sa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)
Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo
Ebe maemo a Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo ke afe?
Molao o neha Letona matla a ho kgetha Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo jwalo ka mohlanka ya phahameng ka ho fetisisa ka hara Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo o phetha mesebetsi ya semolao tlasa taolo le tataiso ya Letona. Mesebetsi ya Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo ke ho:
netefatsa hore ho tsamaisanwa le Molao le hore o kenngwa tshebetsong tsamaisa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bea le ho kenya tshebetsong maano a ho kgothaletsa bophelo bo botle le polokeho indastering ya merafo eletsa Letona hodima bophelo bo botle le polokeho merafong lokisa tataiso bakeng sa dikhoutu tsa tsamaiso merafong phatlalatsa moralo wa selemo le selemo bakeng sa mesebetsi ya Bohlahlobi bokella, sebetsa le ho phatlalatsa tlhahisoleseding e mabapi le bophelo bo botle le polokeho merafong phetha tlaleho ya selemo le selemo hodima mesebetsi ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bakeng sa Letona.
Ditsha tsa Bolaodi bo ka Sehloohong
Ebe mesebetsi ya Ditsha tsa Bolaodi bo ka Sehloohong ke efe?
Ditsha tse tharo tsa Bolaodi bo ka Sehloohong jwalo ka ntlokgolo, ka tshebedisano le Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo, di ikarabela ka ho hlahisa tataiso e akaretsang, ho rala le ho laola mananeo a Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ekasita le ho theha leano bakeng sa maemo a bophelo bo botle le polokeho merafong.
Batlatsi ba bararo ba Bahlahlobi ba ka Sehloohong ba Merafo ba laola bophelo bo botle le polokeho merafong ya dihlahiswa tse kgolo ka ho fetisisa ka Bolaodi ba Kgauta le Polatinamo, Mashala le Dirafshwa tsa Mabopong le Merafo e Meng. Ditsha tse tharo tsa Bolaodi bo ka Sehloohong di boetse di na le dikantoro tse robong tsa mabatowa tlasa tsona hore di di tsamaise, di di laole le ho hokahana le tsona. Bolaodi bo Ikgethang ba Polokeho Merafong, Disebediswa tsa Merafong, Bophelo bo Botle Mosebetsing, Meriana Mosebetsing le Tekolo ya Lefatshe le bona bo wela tlasa Bolaodi bona.
Ebe Bolaodi bo ka Sehloohong (dihlahiswa tse kgolo) bo bapisana jwang mabapi le tshebetso ya bophelo bo botle le polokeho?
Dipalopalo tsa polokeho: 2000 - 2002
Dipalopalo tsa Bophelo bo Botle: 2000 - 2002
Palo ya Diketsahalo
Palo ya Diketsahalo
Palo ya Diketsahalo
Kgauta
Polatinamo
Mashala
Asebesetose
Se seng
Paloyohle
Manane ana a fumanwe ho Mokomishenara wa Ditlhapiso.
Hlohlomiso ya 2: Kgahlamelo ya Disilafatsa tsa Moyeng Merafong e Kotsi
Palo ya Merafo
Palo ya Batho ba Mosebetsing ba Kgahlamelong ba Hiruweng
Palo ya Batho ba Mosebetsing ba Kgahlamelong ya
ya Batho ba kgahlamelong ya
Kgauta
Polatinamo
Mashala
Se seng
Paloyohle
palohare ya nako e lekantsweng (Time Weighted Average - TWA) ke ho loella ha sesilafatsi ho lekangwa ka mg/m? hoo mosebetsi a leng kgahlamelong ya hona mme ho arolwa ka Moedi wa Kgahlamelo Mosebetsing o lekangwa ka mg/m? jwalo kaha ho beilwe ke Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo.
a Merafo ya Kgauta le Polatinamo
Kgauta
Indasteri ya ho rafa kgauta e na le seabo se seholo haholo dikotsing tse amanang le merafo ka lebaka la palo ya basebetsi ba yona mmoho le jioloji. Dibaka tse ngata tsa tshebetso di fumaneha dimitara tse fetang tse 3000 ka tlasa bokahodimo ba lefatshe mme ha ho rafa ho ntse ho teba, haholoholo nakong e telele e tlang, ho phatloha ha mafika ho tshwanetse ho ama bobe ba dikotsi.
Ho feta moo, dikhampani tsa merafo ka ho eketsehileng di sekaseka ho rafa dibakeng tseo ho tla fihla ha jwale di neng di se na molemo wa moruo bakeng sa merafo. Tsona di kenyeletsa dipilara tsa in-situ tse tummeng hampe ka ho ba le monyetla o moholwanyane wa dikotsi tse amanang le ho epolla. Bokahodimo bo petsohileng haholo, dikgatello tse phahameng tsa mafika mmoho le mathata a amanang le tsamaisa phallo ya moya sebaka se selelele ka hara dibaka tse rafuweng, ke a mang a mathata ao ho atisang ho kopanwa le ona merafong ya kgauta.
Leha e le hore ho tswa kotsi hang hang kapa lefu la hang hang e le sephetho se tshajwang ka ho fetisisa ditshebetsong tsa merafo ka kakaretso, phumantsho ya selemo le selemo ya mangolo a ho tshwarwa ke nyomokhoniosis mmoho le diketsahalo tse ntjha tsa lefuba basebetsing ba merafo ya kgauta e feta palo ya selemo le selemo ya ho tswa dikotsi ho tlalehilweng bathong bana. Haesale ho utlwisiswa hore ho hema silikha le lefu la silikhosis ke dintho tse hodisang monyetla wa kotsi ya lefuba ho basebetsi ba merafong. Sewa sa HIV le sona se kenyeleditse sepheiso se kotsi ka ho eketsa monyetla wa kotsi ya ho ka kenwa ke lefuba ho basebetsi ba merafong ba nang le HIV. Lefu ha motho a ntse a le kalafong ya lefuba, lefu ka bolona kapa ho tswa ho ditshwaetso tse ding tsa HIV jwale e se e le sesosa se tlwaelehileng haholo sa mafu hara basebetsi ba sebetsang merafong ya kgauta mme se feta sekgahla sa mafu ho tswa dikotsing.
Ditlhapiso tse lefuweng bakeng sa mafu a matshwafo ho basebetsi ba boramosebetsi ba neng ba le indastering ya merafo ya kgauta di dula di le kahodimodimo tjhateng. Indasteri ya merafo ya kgauta ke mohiri e moholohadi wa basebetsi indastering ya merafo, mme ke kahoo e tshwanetseng ho ntlafatsa maemo a tshebetso ho fana ka tikoloho e nang le bophelo bo botle bakeng sa basebetsi ba yona. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo bapala karolo e ka sehloohong ho thibelweng ha malwetse a nako e telele ka dihlahlobo le ho kenngwa tshebetsong ha Molao le melawana ya wona.
Bo bong ba bothata bo tlwaelehileng le bo boholohadi boo ho teanwang le bona ke tahlehelo ya kutlo e bakwang ke lerata. Ka lebaka la palo e kgolo ya basebetsi ba yona, merafo ya kgauta e na le palo e kgolo ya basebetsi ba monyetleng wa ho hahlamelwa ke maemo a phahameng a lerata. Kgahlamelo ena e baka temalo diseleng tse hlokolosi tsa moriri tse ka hara tsebe ekasita le methapokutlong ya tsebe. Tahlehelo ya kutlo e bakilweng ke lerata e ka thibelwa ka tshebediso ya kgafetsa ya disireletsakutlo tse jwalo ka dipolaka tsa ditsebe kapa di-iyemafo.
Bothata bo bong ba bophelo bo botle mosebetsing bo amangwang le merafo ya kgauta ke mahlasedi a radieishene. Mafika ohle le mefuta ya lefatshe e na le dikarolwana tsa mahlasedi a tlhaho a radieishene, yuraniamo le thoriamo. Boteng ba tsona dibakeng tseo batho ba dulang ho tsona, hammoho le maqhubu a radieishene sepakapakeng a kenang lefatsheng hammoho le dikarolwana tsa mahlasedi tse fehlwang ke phatlalatso ena ya mahlasedi haesale e le mohlodi wa kgahlamelo ya mahlasedi a radieishene bakeng sa batho.
Mesebetsi e akaretsang mehlodi e tala ya tlhaho, haholoholo tshebetso ya merafo le diminerale, di boetse tsa eketsa kgahlamelo ya mehlodi ya tlhaho ya mahlasedi a radieishene. Ho loella ha yuraniamo mmoho/kapa le thoriamo mafikeng a nang le kgauta ho batla ho phahame ho ena le maemo a yona a akaretsang bokahodimong ba lefatshe. Yuraniamo le thoriamo ka dinako tse ding di atisa ho rafshwa jwalo ka dihlahiswa tse tswang ha ho rafshwa kgauta.
Sena se bea merafo ya kgauta kotsing e kgolwanyane papisong le merafo e meng. Diketsahalong tse ding, dikgahlamelo tsena tse eketsehileng ke tse kgolo mme ho tshwanetse di laolwe hore ho sireletswe bophelo bo botle ba basebetsi le setjhaba. Ho boetse ho na le mahlasedi a radieishene a bakwang ke ditshebetso tsa merafo mmoho le dipolanta tsa ho rafa tshepe.
Karolo ya radieishene ka hara Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing e ne e thehwe ho laola radieishene ena. Leha ho nnile ha ba le phokotseho e bonahalang ya basebetsi merafong ya kgauta dilemong tse mmalwa tse fetang, phokotseho ena ha e bonahale ntlafalong ya polokeho nakong e tshwanang.
Kahoo he, seabo sa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho kengweng tshebetsong ha melao merafong ya kgauta ke sa bohlokwahlokwa ha jwale, empa se tla ba se hlokolosi haholo nakong e tlang ho netefatsa hore ho tsamaisanwa le melao le ho ntlafatswa ha maemo.
Polatinamo
Dilemong tse mmalwa tse sa tswa feta, tlhahiso ya polatinamo e ile ya eketseha ka ho bonahalang, mme sena se tsamaisane le keketseho e tshwanang ya palo ya basebetsi ba hiruweng. Ka bomadimabe, sena hape se nnile sa tsamaisana le keketseho palong ya dikotsi tse hlahang.
Ditshekamelo tsa boenjinere ba mafika di boetse di hlokolosi merafong ya polatinamo, moo ho helefa ha mafika ho bakang bongata ba dikotsi teng. Leha ho le jwalo, ho reketla ha lefatshe indastering ya polatinamo ha ho na seabo se seholo palong ya dikotsi tse amanang le mafika jwalo ka indastering ya kgauta. Ho reketla ha lefatshe ho ba haholoholo sebopehong sa ho qhoma ho seng hokae ha mafika.
Katoloso ya tlhahiso ya polatinamo e tsamaisana le tlameho ya boramosebetsi ya ho netefatsa hore ho ba le thupelo e loketseng. Lenane la dikotsi mokgeng ona le a nyoloha, mme sena se bontsha kgaello ya thupelo e lekaneng.
Keketseho ya dikotsi le mafu indastering ya merafo ya polatinamo e bontsha ka ho hlakileng hore Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo na le seabo sa bohlokwa boo bo tshwanetseng ho se bapala, se tlatselletswang ke tshehetso indastering.
b Mashala le Dirafshwa tsa Mabopong
Mashala
Mokga wa merafo ya mashala ke o sebedisang metjhine haholoholo. Sena se bolela hore ke batho ba seng bakae ba hahlamelwang ke dikotsi tse ka nnang tsa ama bophelo ba bona bo botle le polokeho. Dikgahla tsa mafu mokgeng wa mashala di fokotsehile dilemong tsa morao tjena mme jwale di se di fihletse maemong a tshwanang papisong le maemo a matjhaba. Ena ke phihlelo eo re ka bang motlotlo ka yona mme phepetso e tjamelaneng le indasteri ya merafo ke ho ntlafatsa tshebetso ena.
Leha ho le jwalo, se kgathatsang ke dipersente tsa batho ba kgahlamelong e ka nnqane ya disilafatsi tsa moyeng. Kgahlamelo e tswelang pele e ka nnqane ho tswa ho disilafatsi tsa moyeng tse jwalo ka lerole la mashala e ka baka malwetse a matshwafo a jwalo ka nyomokhoniosis ya basebetsi ba mashaleng. Nyomokhoniosis ya basebetsi ba mashaleng e bakwa ke ho hema lerole la mashala le loelletseng haholo nakong e pakeng tsa dilemo tse 10 ho ya ho tse 15, mme qetellong e ripitla matshwafo ka faebrosis le emfaesema.
Dirafshwa tsa Mabopong
Di-indasteri tsa dirafshwa tsa mabopong tsa taemane le petroleamo Afrika Borwa di etsa hore diqwedi di be kgahlamelong ya maemo a kotsi a jwalo ka ho se bone hantle, mafika a tsamayang tlasa metsi, ho tshwaseha le ho tswa kotsi, ekasita le mefutafuta ya malwetse a ho qwela a jwalo ka lefu la kgatello e bohale le barotrauma ya pelong.
Mesebetsi ya dirafshwa tsa mabopong e boetse e kenyeletsa diprojeke tsa ho batlisisa. Diprojeke tsena di bontsha hore ho tshwanetse ho kengwe mehlodi e eketsehileng thutong le thupelong ya tsa mabopong kaha nakong e tlang batho ba eketsehileng ba tla hahlamelwa ke dikotsi tsa bophelo bo botle le polokeho haeba ho qadiswa ka ho rafa ditsheng tseo tsa ho batlisisa.
Merafo e meng e kenyeletsa di-indasteri tse nyane tsa merafo tse jwalo ka taemane, tshepe le khroumu, letsopa, lehlabathe le kalaka. Ho ya hodimo le tlase ha dikgahla tsa ho tswa kotsi le mafu bakeng sa merafo ena ho ka ba ho bakilwe ke palo ya ditshebedisano tsa kopanelo tse ntjha le tse nyane, mme sena ke sona lebaka la keketseho ya basebetsi ba hahlamelwang.
Dintlha tsa bophelo bo botle mosebetsing di boetse ke tse bakang ho kgathatseha ho hoholo merafong e meng. Asebesetose ho tea mohlala, e sa ntse e le bothata leha e le hore merafo ya asebesetose ha e sa sebetsa mona Afrika Borwa. E neng e le teng nakong e fetileng e nnile ya siiya lefa la dibaka tse sa hlabollwang tse hlabollwang ha jwale.
Leha ho le jwalo, ho sa ntse ho na le ho hongata ho tshwanetseng ho etswa ho netefatsa hore kgahlamelo ho tswa ho dikarolwana tsa asebesetose ho tswa ditshebetsong tsena tsa kgale e a fediswa kgabareng. Dikarolwana tsa asebesetose tse hemetsweng ka hare ha di kgone ho silwa ke mokgwatshebetso wa tshireletso ya mmele mme di baka mehwabadi le thuruho ya matshwafo. Ho topa hona le mehwabadi ena e thibela oksejene le khabonodayoksaete ho tsamaya ka hara metjha e menyane ya moya ya matshwafo ho kena phallong ya madi, mme ho phefomoloha ha ho hotle haholo. Tshebetso ena ya thuruho e tswela pele leha kgahlamelo ho dikarolwana tsa asebesetose e se e emisitse. Kahoo he, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo tshwarahane le matsapa a keneletseng a ho netefatsa hore dibaka tsena di hlabollwa ka bokgabane.
Sepheo sa Bolaodi bo bong bo ka Sehloohong ba Merafo e Meng ke ho sireletsa bophelo bo botle le polokeho ya batho ba angwang ke indasteri ya merafo Afrika Borwa ka ho boloka maemo a amohelehang ka hara naha le a ka bapiswang le a beilweng le a fihlellwang dinaheng tsa matjhaba. Le sebetsa le bohle ba amehang ba nang le seabo ho netefatsa hore melao, maano le ditekolo di kenngwa tshebetsong.
Ditsha tsa Bolaodi bo Ikgethang
Ebe mesebetsi ya Ditsha tsa Bolaodi bo Ikgethang ke efe?
Ho kenya tshebetsong le ho hatella ho latelwa ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong
Ho ralwa ha maemo
Ho ralwa ha melao
Ho fana ka tshebeletso ya boeletsi bo ikgethang ho mabatowa
Ho thusa mabatowa ka diphuputso le dipatlisiso tse ikgethang
Ho rala maano
Ho phetha ditekodisiso le tekolo ya Bahlahlobi ba Mabatowa
Thupelo
Ho sebetsa jwalo ka setho sa mekgatlo ya semolao
Ho tshwarahana le diphuputso
Ho ntshetsa pele Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le dipheo tsa bona
Ho ikgokahanya le setjhaba le dikhampani tsa merafo
Tsamaiso ya ditjhelete
Tsamaiso ya Sekema sa Dikgau sa Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong
Tsamaiso ya ditifikeiti tsa bokgoni
Tsamaiso ya Dikotlo tsa Botsamaisi
Thuso ya molao
Ditsha tsa Bolaodi bo Ikgethang di ikarabela ka ho thusa dikantoro tsa mabatowa ho kenya tshebetsong maano a tsamaiso ho netefatsa hore ke a kgabane.
a Polokeho Merafong
Bolaodi ba Polokeho Merafong haholoholo bo tshwarahana le ditekolo tsa maikutlo, le thusa ho fuputsweng ha dikotsi le ho fana ka tshehetso ya setekgeniki ho mabatowa le Ntlokgolo. Bo boetse bo ba le seabo dikomiting tsa semphato sa mekga e meraro. Tshehetso ya setekgeniki e kenyeletsa ho etsa ditshetleho hodima ditataiso le ho ntjhafatsa tlhahisoleseding hodima melao e metjha, melawana le ditlhokeho, ekasita le theknoloji e ntjha.
Bolaodi ba Polokeho Merafong bo na le ditsha tse tharo tsa bolaodi bo bonyane tse ikarabelang ka polokeho merafong makaleng a Merafo ya Mashala, Merafo e Tebileng Haholo ya Tshepe le Merafo e Meng. Ditsha tsena tsa bolaodi bo bonyane di boetse di tsamaisa Diqhomane, Boenjinere ba Mafika le Thupelo ka ho hlahlamana.
Bolaodi ba Polokeho Merafong bo tshwarahana le mathata a nako e tlang a ka hlahellang polokehong ya merafong. Merafo e tebileng haholo ya kgauta ke kgwao e ikgethang kaha ho rafshwa ho eketsehileng ha dipilara le masalla botebong bo tlase ho tla ba le sephetho sa bothata ba botsitso ba mafika le maemo a kotsi a tshebetso. Bolaodi bona bo tshwarahane bo diphuputso le diprojeke tse ikgethang tse jwalo ka Projeke ya Morafo o Tebileng ho sebetsana le bothata bona.
Matsapa a mang a Bolaodi ba Polokeho Merafong ke Khomishene ya ho Qhoma ha Mafika (Rockburst Commission) e sebetsanang le Khoutu ya Tsamaiso ya Merafo le ho tsamaisana ha yona le Ditataiso tsa ho Lwantshana le dikotsi tsa ho Heleha le ho Qhoma ha Mafika. Bolaodi ba Polokeho Merafong bo boetse bo na le seabo projekeng ya Coaltech 2020. Ho feta moo, merafo e metjha e menyane e tshwere kotsi bakeng sa polokeho ya merafong kaha basebetsi ha ba na boiphihlelo bo bongata mme ha ba tsebe hantle mabapi le Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong mmoho le melawana ya wona. Kahoo he, Bolaodi bo etsa hore Molao ona o tsebahale ka bophara mme bo fana ka tshehetso ya setekgeniki ho merafo ena ka ho lekodisisa ditshebetso tsa yona tsa tekanyo ya dikotsi tse ka hlahang le ho fana ka keletso bakeng sa ho ntlafatswa ha tsona.
Bolaodi ba Polokeho Merafong bo boetse bo na le seabo sa bohlokwa ho sebetseng ha Komiti ya Boeletsi hodima Polokeho le Diphuputso Merafong (Safety in Mines Research Advisory Committee - SIMRAC), eo e leng e nngwe ya dikomiti ya tsa nako tsohle tsa Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Ka hodima ho eletsa Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho behweng ha maemo a kotsi e ka hlahang ho polokeho merafong le tlhokeho ya diphuputso hodima bophelo bo botle le polokeho merafong, Komiti ya Boeletsi hodima Polokeho le Diphuputso Merafong e boetse e hlophisa lenaneo la selemo le selemo la diphuputso hore le sekasekwe ke Lekgotla. Haufinyane tjena, Komiti ya Boeletsi hodima Polokeho le Diphuputso Merafong e boetse ya itlama ho tsamaisa le ho ntshetsa pele dikgokahano tsa tsebo, phetisetso ya ditheknoloji le teko ya ho kenya tshebetsong ditharollo tse tlang ho lebisa ho dintlafatso maemong le tshebetsong ya Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing.
b Disebediswa tsa Merafong
Bolaodi ba Disebediswa tsa Merafong bo thusa ka ntshetsopele ya melao le maemo a amohetsweng mona lapeng le dinaheng tsa matjhaba mme bo sireletsa bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi ba merafong. Bo boetse bo netefatsa hore maemo a boenjinere a a bolokwa mme kahoo he, ke karolo ya Mokgatlo o Beang Maemo (Standards Generating Body).
Bo tshwarahana le diphuputso ho netefatsa hore ho ba le ditlwaelo tse molemohadi hore di kenngwe tshebetsong merafong. Tse ding tsa diprojeke tsena tsa boenjinere di kenyeletsa diphuputso hodima mekgwa ya mabanta a thothang thepa, makoloi a kgwebo a sebediswang bakeng sa ho thotha batho ka tlasa lefatshe le thuto ya kamano ya batho le tikoloho ho ralweng ha diterene merafong ya Afrika Borwa. Ho feta moo, Bolaodi bona bo laola dihlahlobo bakeng sa Ditifikeiti tsa Bokgoni bakeng sa Baenjinere, Bakganni ba Dienjine tse Kgolo mmoho le Bakganni ba Diterene.
c Ditekolo tsa Lefatshe Merafong
Ditshebeletso tsa Ditekolo tsa Lefatshe Merafo, ho ngolwa ha dimmapa le ho ngolwa ha dipolane ka ho tswelang pele di lebela maemo le ditlwaelo tsa ditekolo tsa merafo hore ho kgothaletswe moya wa polokeho le bophelo bo botle, tshebediso e bolokehileng ya lefatshe le sa tsotellwang bakeng sa ntshetsopele, ekasita le tshebediso e bolokehileng le e phethahetseng ya mehlodi ya diminerale. Mesebetsi e meng e tlamang ke ya ho hlwaya dikotsi le taolo ya dikotsi tse ka hlahang hammoho le thupelo ya basebetsi ba batjha.
d Tlhweko Mosebetsing
Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing bo tadimane le ho nahanela, ho ananela, ho lebela le ho laolwa ha dikotsi tsa sebele, tsa dikhemikhale, tsa bophelo ba tlhaho le tsa kamano pakeng tsa batho le tikoloho, tse amang bophelo bo botle ba basebetsi sebakeng sa tshebetso, mme sena se fihlellwa ka:
ho fuputsa maemo a tshebetso a ka nnang a ba kotsi;
ho lekanya dikotsi sebakeng sa tshebetso ho tloha ho botjhefo ba tsona ho ya ho dikarolwana tsa sebele (lerole, kgatello ya motjheso le mohatsela, lerata, kganya, thothomelo ya lefatshe, kamano pakeng tsa batho le tikoloho le radieishene);
ho theha le ho phatlalatsa mekgwa ya ho thibela malwetse, ho tswa kotsi le ho holofala (baipholosi, maano a ho pholoha, thibelo ya diphatloho tsa lerole la mashala, boitlwaetso, mmoho le tekanyo ya modumo);
ho thakgola diphuputso le ho fana ka dikgothaletso tse loketseng ho ya ka tsa saense bakeng sa ho sireletsa basebetsi; le ho hokahangwa ha dihlahlobo tsa bongaka ho direkoto tsa tlhweko ya mosebetsing ho latela meriana ya mosebetsing.
Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing bo boetse bo ameha ho ralweng ha maemo le melao, ekasita le ho ralwa ha maano. Bo fana ka keletso e ikgethang ho mabatowa le ho a thusa ka diphuputso le dipatlisiso tse ikgethang. Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing bo tshwara ditekodiso, bo leke Bahlahlobi ba Mabatowa, bo fane ka thupelo, bo hlwaya dintshetsopele tsa theknoloji indastering ya merafo mme bo netefatsa hore ho sebetsanwa ka ho lekaneng le dikotsi tse ka hlahang. Bo boetse bo sebetsa jwalo ka setho mekgatlong ya semolao, bo sebetsa le setjhaba le dikhampani tsa merafo, bo ananele disebediswa tsa tshireletso ya phefomoloho mme bo tshware diprojeke tsa phuputso.
Bolaodi ba Tlhweko Mosebetsing bo sebetsa ka katamelano le Komiti ya Boeletsi hodima Bophelo bo Botle ba Mosebetsing Merafong (Mining Occupational Health Advisory Committee - MOHAC), e eletsang Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (Mine Health and Safety Council - MHSC) mabapi le ditaba tsa bophelo bo botle. Ditaba tsena di kenyeletsa maano le melawana e mabapi le mekgwa le mekgwatshebetso ya maemo a bophelo bo botle bakeng sa ho lekanya, ho qoba, ho fedisa, ho laola le ho fokotsa dikotsi tse ka hlahang tsa bophelo bo botle, diphuputso tsa bophelo bo botle, mmoho le pokello, tshebetso le phatlalatso ya dintlha tsa bophelo bo botle indastering ya merafo.
e Meriana Mosebetsing
Bolaodi ba Meriana Mosebetsing bo tshwarahane le thibelo, temoho e sa le pele, kalafo le tlhabollo ya ho kula, ho tswa kotsi le ditlamorao tse mpe bophelong bo botle tse amanang le mofuta o itseng wa mosebetsi. Kahoo he, maikemisetso a Bolaodi ba Meriana Mosebetsing ke ho fana ka dihlahlobo le ditekolo tsa maemo a lefatshe tsa meriana mosebetsing, tse reretsweng ho fedisa dikotsi tsa bophelo bo botle tse ka hlahang mosebetsing, ka tshebediso ya mekgwa e molemohadi e teng hore ho ntshetswe pele le ho sireletswa bophelo ba basebetsi indastering ya merafo.
Bolaodi ba Meriana Mosebetsing bo tsamaisa dikantoro tsa Bohlahlobi ba Bongaka mabatoweng a fapaneng. Bo rala maemo a melao e mabapi le bophelo bo botle, bo tshwarahana le diphuputso tsa bophelo bo botle mme bo tsamaisa pokello ya malwetse a mosebetsing e nang le dintlha le ditokomane tsa dintlha tsa bophelo bo botle ho tswa merafong.
Bahlahlobi ba tshwara ditekodisiso bakeng sa ho kenya letsoho sepheong sa Bolaodi sa ho kenya tshebetsong le ho hatella ho latelwa ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Kahoo he, bahlahlobi ba hlahloba maemo a bophelo bo botle mosebetsing mmoho le disebediswa tsa thuso ya pele, direkoto tsa bongaka (dihlahlobo tsa sethathong, ka mora nako e itseng le tsa ho tswa), mmoho le ditlaleho tsa bongaka tsa selemo le selemo. Ba boetse ba netefatsa hore maemo a tlwaelo ya ditekolo tsa bongaka ke a hlwahlwa.
Bolaodi bo hokahanya ditekolo tsa bongaka ho direkoto tsa tlhweko mosebetsing bakeng sa dipatlisiso tsa boteng ba sewa ho bona ditlwaelo tse atileng. Bo boetse bo thusa diphuputsong le dipatlisisong tse ikgethang, bo ntshetse pele botsebi ba basebetsi, le ho kgothaletsa bophelo bo botle le temoho ya HIV/AIDS. Karolo ya maikarabelo a Bolaodi bona ke ho boloka direkoto tsa bongaka ha merafo e kwalwa.
Bolaodi ba Meriana Mosebetsing bo hlwaile merafo e menyane le merafo e dibakeng tse hole jwalo ka dibaka tsa mathata. Merafo ena ha e tsamaisane le ditlhoko tsa Molao tsa ho tshwara dihlahlobo tsa bongaka le ho tswela pele ka ditekolo tsa bongaka. Disosa tsa ho se tsamaisane le Molao ke kgaello ya ditjhelete le basebeletsi ba Bophelo bo Botle le Meriana Mosebetsing.
Ka lebaka la temoho e eketsehileng ya ho hahlamelwa ha basebetsi ba merafong ke maemo a kotsi, Bolaodi ba Meriana Mosebetsing bo na le seabo sa bohlokwahlokwa tshireletsong ya bophelo bo botle le polokeho ya batho ba angwang ke mesebetsi ya merafong.
f Tshehetso ya Tsamaiso le Taolo ya ka Hare
Bolaodi ba Tshehetso ya Tsamaiso le Taolo ya ka Hare (Management Support and Internal Control ? MSIC) bo fana ka tshehetso ya tsamaiso le ya setekgeniki ho Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong. Tshebeletso ena e kenyeletsa ho fana ka tsamaiso ya ditjhelete, tsamaiso ya ditifikeiti tsa bokgoni, tsamaiso ya Sekema sa Dikgau tsa Lekgotla la Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ho teka ditshetleho bakeng sa kananelo ya Komiti ya Taolo le Boto ya Dithendara mmoho le ho tsamaisa dikotlo tsa tsamaiso. Bolaodi bona bo boetse bo ikarabela bakeng sa ntshetsopele le ho kenngwa tshebetsong ha melao, ekasita le tsamaiso ya Mokgwa wa Merafo ya Afrika Borwa wa Dipalopalo tsa Dikotsi tse Tlalehehang (South African Mines Reportable Accident Statistical System - SAMRASS), o ngolang fatshe dipalopalo tsa tshebetso ya polokeho indastering. Dipalopalo tsena di itshetlehile haholoholo ho dintlha tse bokelletsweng ke Biro ya Diminerale ho tswa ho ditokomane tsa dintlha tse hlokehang ho tswa merafong.
Bolaodi ba Tshehetso ya Tsamaiso le Taolo ya ka Hare bo boetse bo fana ka tshebeletso ya tshehetso ya tsamaiso ho Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo le ditho tse ding tse phahameng tsa botsamaisi ka hara Bohlahlobi. Ditshebeletso tsa tshehetso tseo ho fanwang ka tsona di kenyeletsa tse latelang:
Ho nyalangwa le ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSA) ka ho ralwa ha melao e tlatselletsang.
Ho fana ka tshehetso ya setekgeniki le ya dinako tse itseng feela ho Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo ekasita le Motlatsi wa Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo.
Ntshetsopele le ho kenngwa tshebetsong ha mekgwa le mekgwatshebetso bakeng sa ho sebediswa ke Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong jwalo kaha sena se hlokeha ho ya ka dikarolo tse fapafapaneng tsa Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ho ba setho sa dikomiti tse fapaneng tsa semolao tsa semphato sa mekga e meraro tse thehilweng ke Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ho nyalangwa ha dipontsho tsa mabatowa tsa Mohlahlobi ya ka Sehloohong moo ho bapatswang teng dikgopolo tse ntjha tsa merafo e fapaneng mabapi le Polokeho le Bophelo bo Botle.
Ho sebetsa jwalo ka setho dikhomisheneng tse fapafapaneng tsa bahlahlobi bakeng sa ditifikeiti tsa semolao tsa bokgoni.
Ho hlophisa Seboka se tshwarwang jwalo ka mora dilemo tse pedi sa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong se hlokehang ho latela Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ho ba batsamaisi ba Morero wa Kgwebo wa Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo.
Ho rala le ho nyalanya Tlaleho ya Selemo le Selemo ya Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo eo ho hlokehang hore e phatlalatswe ho latela Karolo 49 (j) ya Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Tsamaiso ya kakaretso ya ditjhelete bakeng sa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Bahlahlobi ba Mabatowa
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo sebetsa jwang Afrika Borwa?
Bohlahlobi bo na le kantoro ya naha Pretoria le dikantoro tse robong tsa mabatowa profensing ka nngwe. Kantoro ya lebatowa e eteletswe pele ke Mohlahlobi e Moholo ya nang le boiphihlelo bo batsi tsamasiong le tshebetsong ya merafo. Palo ya basebetsi kantorong ka nngwe e itshetlehile ho sepheo le boholo ba mesebetsi ya merafo lebatoweng leo. Mesebetsi ya bophelo bo botle le polokeho ya dikantoro tsena e arotswe ka bobatsi ho ba polokeho merafong, disebediswa kapa metjhine ya merafong, tlhweko mosebetsing le meriana mosebetsing.
Ebe Bohlahlobi ba Mabatowa bo etsa eng?
Mosebetsi o ka sehloohong wa Bohlahlobi ba mabatowa ke ho kgothaletsa le ho hatella ho latelwa ha Molao le Melawana merafong e mabatoweng. Ba bang ba bahlahlobi ba mabatowa ke ditho tsa dihlopha tsa diprojeke le dihlopha tsa tshebetso tsa semphato sa mekga e meraro se sebetsang ho hlahisa meralo e metjha ya ditsela tsa taolo.
Ebe maikemisetso a Bohlahlobi ba Mabatowa ke afe?
Bo thusa basebetsi ba merafo hore kamoo ho kgonehang ka teng ba thibele dikotsi le ho kula ho amang basebetsi le batho bohle ba bang ba ka nnang ba angwa ke mesebetsi ya merafo.
Ebe Bohlahlobi ba Mabatowa bo rerile ho fihlella maikemisetso ana jwang?
Bo sebedisa tekodisiso e yang ka leano ya dibaka tse hlokolosi, dihlahlobo tse keneletseng ka bahlahlobi le ho hatellwa ha mehato e loketseng ya tokiso, ha feela ho na le basebetsi le ho latela lenaneo la mesebetsi.
Ebe ho etsahala eng ka nako ya hlahlobo?
Mohlahlobi o ngola fatshe le ho lekodisisa ho ya ka leano boholo ba ho latelwa ha Molao, melawana, dikhoutu tsa tsamaiso, ditaelo tsa batsamaisi, maemo a tshebetso le ditlwaelo tse molemohadi tsa indastering ka nako ya hlahlobo. Mohlahlobi a ka boela a sebedisa lenane la ho lekola tse tshwanetseng ho etswa ha a ntse a hlahloba sebaka sa tshebetso.
Ebe hlahlobo e tshwarwa neng?
Dihlahlobo di tshwarwa neng le neng ha ho bonwa ho hlokahala. Di itshetlehile ka tekolo ya dibaka tse hlokolosi, ditletlebo tse amohetsweng le ho ya ka mananeo a itseng.
Ebe diphuputso di thakgolwa neng?
Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo (CIOM) o tshwanetse ho laela mohlahlobi ho fuputsa kotsi kapa ketsahalo efe kapa efe morafong e bakileng lefu la motho ofe kapa ofe.
Mohlahlobi a ka nna a fuputsa nako efe kapa efe:
kotsi kapa ketsahalo efe kapa efe morafong e bakileng ho tswa kotsi e mpe ha motho morafong o le mong kapa ho feta;
ketsahalo, tlwaelo kapa maemo afe kapa afe a mabapi le bophelo bo botle kapa polokeho ya batho morafong o le mong kapa ho feta; kapa tlolo efe kapa efe e etsahetseng kapa e belaelwang, kapa ho hloleha ho tsamaisana le pehelo efe kapa efe ya Molao ona.
Haeba ho na le ho bakang ho kgathatseha ka mabaka a bophelo bo botle kapa polokeho, mohlahlobi o tshwanetse ho fuputsa taba efe kapa efe e boletsweng karolwaneng ya ka hodimo, haeba a laelwa ho etsa jwalo ke Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo; kapa a kopjwa ho etsa jwalo ke ?
i mokgatlo o ngodisitsweng wa basebetsi morafong oo kapa merafong eo;
ii moemedi wa bophelo bo botle le polokeho kapa komiti ya bophelo bo botle le polokeho morafong; kapa iii mosebetsi morafong oo, haeba ha ho na moemedi wa bophelo bo botle le polokeho.
Ke mathata afe a ka sehloohong ao Bahlahlobi ba Mabatowa ba teanang le ona mabapi le polokeho merafong?
Bahlahlobi ba hlwaile mathata a mabedi a ka sehloohong merafong: ho hlwauwa ho sa lekanang ha dikotsi le kgaello ya botsebi ba ho lekanya dikotsi tse ka hlahang. Tsona di lebisa maemong a hodimo a dikotsi tse ka hlahang, mme hona ho lebisa ho hlaheng ha dikotsi.
Ke mathata afe a ka sehloohong ao Bahlahlobi ba Mabatowa ba teanang le ona mabapi le bophelo bo botle merafong?
Bothata bo hlwailweng ke bahlahlobi ke hore ho na le tlhokeho ya kutlwisiso ka mehato ya bophelo bo botle indastering mmoho le tshebediso ya yona ka katleho, ho sa kgathaletsehe mokgwa wa dikopano tse keneletseng tse tswelang pele, mananeo le matsapa a bophelo bo botle ka batsamaisi le basebetsi ba Lefapha la Diminerale le Eneji.
Ebe Bohlahlobi ba Mabatowa bo tsebahatsa jwang melao e metjha indastering ya merafo?
Bo sebedisa Masedinyana a Bophelo bo Botle le Polokeho, dipampitshana tsa Bophelo bo Botle le Polokeho mme bo hlophisa Diwekshopo tse loketseng tsa Bophelo bo Botle le Polokeho moo ho hlaloswang le ho buisanwa ka melao ena ka ho hlakileng. Bo boetse bo sebedisa weposaete ya Lefapha la Diminerale le Eneji mmoho le Seboka sa Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsebahatsa melao e metjha.
Ebe Bahlahlobi ba na le dikarabo dife?
Mohlahlobi:
Bakeng sa ho lebela kapa ho hatella ho latelwa ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, a ka kena morafo ofe kapa ofe nako efe kapa efe ntle le lengolo la tumello kapa tsebiso.
A ka botsa motho ofe kapa ofe hodima taba efe kapa efe e akaretswang ke Molao.
A ka hloka hore motho ofe kapa ofe ya nang le taolo, kapa ya tshwereng tokomane efe kapa efe, ho kenyeletswa empa ho sa fellwa ho moralo, buka kapa rekoto, hore motho eo a hlahise tokomane eo hang hang ho mohlahlobi kapa nako efe kapa efe e nngwe le sebakeng se batlwang ke mohlahlobi.
A ka hlahloba ntho efe kapa efe, sesebediswa kapa motjhine; mosebetsi ofe kapa ofe o entsweng; kapa maemo afe kapa afe.
A ka hlahloba ditlhophiso tse entsweng ke motsamaisi bakeng sa tekolo ya bongaka ya basebetsi.
A ka hapa tokomane, ntho, sesebediswa kapa motjhine ofe kapa ofe kapa karolo kapa sampole ya wona; mme a phethe mosebetsi ofe kapa ofe o beilweng.
A ka fana ka taelo efe kapa efe e hlokehang ho sireletsa bophelo bo botle kapa polokeho ya batho morafong oo, haeba mohlahlobi o na le tumelo ya hore ketsahalo, tlwaelo kapa maemo afe kapa afe a morafong oo a bea kotsing kapa a ka nna a bea kotsing bophelo bo botle kapa polokeho ya motho ofe kapa ofe morafong oo.
A ka tshwara dipatlisiso ha ho hlaha kotsi morafong kapa bolwetse bofe kapa bofe mosebetsing.
Ebe mosebetsi wa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) o akaretsa sebaka se sekae?
Bohlahlobi bo akaretsa indasteri ya merafo ho haola le naha le ditsha tse ka nnqane ho tse 700 tse ngodisitsweng le basebetsi ba ka bang ba 400 000.
Ebe maemo a mehato ya ho kenella ha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong selemo le selemo ke afe?
Selemong sa 2002, Bohlahlobi bo phethile mesebetsi ena e latelang:
Dihlahlobo/Ditekolo tse 14 500
Diphuputso/Dipatlisiso tse 3 200 tsa dikotsi
Ditaelo tse 3 464 tsa Karolo ya 54/55 tse ntshitsweng (ho lokisa, ho emisa mosebetsi le ho lokisa, mekgwa ya tsamaiso ya tekodisiso/taolo)
Ebe ditokelo le maikarabelo a ka jwalo ka ramosebetsi ha ho tadingwa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke afe?
Ke tokelo ya hao jwalo ka ramosebetsi ho fumana tataiso ho tswa ho Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong le melawana ya wona. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo ka boela ba o thusa ka tlhalosetso ya Molao ona. Leha ho le jwalo, ke maikarabelo a hao ho hlompha Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, ho utlwisisa seabo sa bona ho hatelleng ho latelwa ha melao le ho thusa bahlahlobi ho phethahatsa mesebetsi ya bona. Ka hodima sena, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ke molekane wa hao ho tsa bophelo bo botle le polokeho.
Ho ya ka Bohlahlobi, mokgwa wa tsamaiso wa Bophelo bo Botle le Polokeho o tshwanetse ho kenyeletsa eng?
Boramosebetsi ba lebelletswe ho rala mekgwa ya tsamaiso ya bophelo bo botle le polokeho e nahanelang maemo a ikgethang merafong ya bona. Leha ho le jwalo, Bohlahlobi bo lebelletse hore merafo e nahanele ditlwaelo tse molemohadi tsa matjhaba ha e hlahisa le ho kenya tshebetsong mekgwa ya yona ya tsamaiso ya polokeho. Kahoo he, mekgwa ena e tshwanetse ho kenyeletsa dikarolo tse ka sehloohong tsa leano, ho hlophisa, ho rala le ho kenya tshebetsong, tekolo le mehato ya ntlafatso.
Ka kakaretso, ketelo ya mohlahlobi morafong e fihlella eng?
Mohlahlobi o netefatsa hore botsamaisi ba morafo bo hlwaile dikotsi (mohlodi kapa kgahlamelo kotsing) le dikotsi tse ka hlahang (kgonahalo ya hore motho a ka tswa kotsi kapa a lemala) tse amanang le dikotsi tsena. Mohlahlobi o boetse o lekodisisa tshebetso ya tekolo ya dikotsi tse ka hlahang mmoho le sephetho sa yona.
Mabapi le ho se latelwe ha Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, bahlahlobi ba na le matla afe a ho hatella ho latelwa ha Molao ona?
Matla a Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong a ho hatella ho latelwa ha Molao a kenyeletsa ho ntsha ditsebiso tsa ho hatella ho latelwa ha Molao kapa tsa ho kwalwa ho latela dikarolo tsa 54 le 55 tsa Molao ona, ho behwa ha dikotlo tsa tsamaiso le dikgothaletso tsa diqoso.
Ebe matla ana a ho hatella ho latelwa ha Molao a sebediswa jwang?
Ho na le mekgwa e seng ya molao ya ho hatella ho latelwa ha Molao e jwalo ka keletso le ditemoso tse ntshwang ke mohlahlobi ha a etsa hlahlobo. Mokgwa ona wa ho hatella ho latelwa ha Molao o lebeletse hore batho ba tla ithaopa ho latela Molao. Ha temoso e sa latelwe, mohlahlobi a ka sebedisa maano a sekametseng ho tshabiseng ka ho eketsehileng. Sena se tla kenyeletsa ditsebiso tsa dintlafatso, dikotlo tsa tsamaiso, diqoso, le ditsebiso tsa ho kwala.
Ke mofuta ofe wa maano a ho hatella ho latelwa ha Molao a sebediswang ke Bohlahlobi ba Mabatowa?
Ditekolo le diphuputso tsa letsatsi le letsatsi.
Dihlahlobo le ditekolo tsa kgafetsa le tsa nako e itseng tsa dihlopha.
Dihlahlobo le ditekolo tsa ka mora tse ding.
Ditlaleho tsa dihlahlobo le ditekolo tsa letsatsi le letsatsi tseo ho buisanwang ka tsona maemong a botsamaisi.
Ditaelo le Dikotlo.
Ho emiswa ha dibaka tsa tshebetso.
Ebe nka phehisana le qeto ya mohlahlobi?
Ee, empa o tshwanetse ho latela mokgwatshebetso o beilweng ho Karolo ya 57 ya molao. O ka ipiletsa ho Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo (CIOM) kgahlanong le qeto efe kapa efe e entsweng ke Mohlahlobi matsatsing a 30 a qeto eo mme o fane ka mabaka a boipiletso ba hao.
Ebe nna jwalo ka mosebetsi, ke fumana jwang molemo mosebetsing wa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong?
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo netefatsa hore dipehelo tse ka hara Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong di a latelwa. Kahoo he, ho bolokwa tokelo ya hao ya ho sebetsa tikolohong e bolokehileng le e nang le bophelo bo botle.
Ebe ke neng Bohlahlobi bo tshwarang diphuputso tse ikgethang?
Diphuputso tse ikgethang di tshwarwa ha ho hlaha dikotsi tse ngata ka nako e le nngwe nakong e kgutshwane. Ho atisa ho hlophiswa dikopano le batsamaisi le mekgatlo ya basebetsi ho buisana le ho lokisa maemo.
Ebe Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI) bo hlophisa jwang mosebetsi jwalo ka o tlang pele-pele hore bo sebedise nako le mehlodi ya bona ka bokgabane?
Bohlahlobi:
Bo hlwaya merafo e nang le mathata a bonahalang ka ho sebedisa pokello ya dintlha tsa bophelo bo botle le polokeho.
Bo tsepamisetsa ho merafo ena bakeng sa dihlahlobo le ditekolo tse eketsehileng tsa kgafetsa.
Bo sebedisa ditekolo tsa mekgwa le maemo jwalo ka disebediswa tsa ho hlwaya maemo a kotsi le dikotsi tse ka hlahang pele di hlaha.
Bo ntsha ditaelo ha ho hlokahala.
Bo fuputsa bomeo le maemo ho senola sesosa se ka sehloohong sa dikotsi.
Bo potolosa tlhahisoleseding hodima dikotsi tse itseng ho bohle ba amehang.
Tshebetso ya Bophelo bo Botle le Polokeho ya Indasteri ya Merafo
Ebe indasteri ya merafo e bontshitse diphetoho dife kapa dife ho tsa bophelo bo botle le polokeho ho tloha ka Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon?
Polokeho Mosebetsing
Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon hodima Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ya Afrika Borwa e ile ya lebisa diphetohong tse mmalwa indastering ya merafo. Ka ho ikgethang, Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong wa bo-29 wa 1996 mmoho le sebopeho le mesebetsi e ntlafetseng ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong.
Ka tlwaelo, indasteri ya Afrika Borwa e nnile ya tlaleha dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi ka ho sebedisa tekanyetso ya ?batho ba 1000 ba mosebetsing?. Leha ho le jwalo, haesale ho tloha ka 1999, ho nnile ha ba le tlwaelo e ntjha ya ho rekota dikgahla tsa dikotsi le mafu ka ?dihora tse milione tse sebeditsweng?, mme sena se dumella papiso e bobebe ya dinaha tsa matjhaba ya dikotsi tse ka hlahang. Ha jwale ho sebediswa kakanyo ho fihlella palo ya dihora tse sebeditsweng. Leha ho le jwalo, ho na le kgwao ya hore kakanyo ena ha e bontshe palo ya dihora tseo batho ka bomong ba leng kgahlamelong ya kotsi e ka hlahang (ke hore, basebetsing ba sebetsang ka tlasa lefatshe), empa feela paloyohle ya ba mosebetsing. Phokotso ya ?dihora tse milione tse sebeditsweng? e tla lebisa dikgahleng tse hodingwana tsa ho tswa kotsi le mafu, mme sena se tla bontsha dikotsi tse phahameng tse ka hlahang. Kahoo he, ke ha bohlokwa haholo ho sebedisa palo ya sebele ya dihora tsa kgahlamelo ya kotsi e ka hlahang, ho netefatsa hore dikgahla tsa dikotsi tse ka hlahang di a tshepahala mme ha di pate kotsi ya sebele e teng.
Dintlha tse hlahisitsweng Hlohlomisong ya 3 di itshetlehile ho dintlha tse hlahang ho Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong Kakaretso ya Dipalopalo tsa Dikotsi tse tlalehilweng ho Mohlahlobi ya ka Sehloohong wa Merafo bakeng sa nako ya ho tloha ka la 1 Pherekgong 1984 ho ya mafelong a Tshitwe 2002, mme di qotswa di sebedisa tekanyetso ya ?ho ya ka batho ba 1000 ba mosebetsing?. Hlohlomiso ena e tshwere ka bobedi dikgahla tsa mafu le tsa ho tswa kotsi, mme bakeng sa mokgahlelo ka mong e hlwaya ditshebetso tse ntle ka ho fetisisa dilemong tse leshome le metso e robong tse fetileng. Leha ho le jwalo, Hlhlomiso e fana ka ho ikgethang ka papiso ya dintlha pakeng tsa 1994 le 2002. Kahoo he, dintlha tsa moraorao tjena di bapiswa le dintlha tsa 1994, seo e leng selemo seo Khomishene ya Leon e nnileng ya tshwara diphuputso tsa yona ka sona mme ya fumantsha hore tekanyetso ya mafu, ho tswa kotsi le malwetse e ne e le mpe hoo ho neng ho hlokeha mehato ya tokiso ka potlako.
Hlohlomiso ya 3: Dikgahla tsa Mafu le Ho Tswa Kotsi ho ya ka batho ba 1000 ba mosebetsing
tsa ntlafalo
Sekgahla se setlehadi ho tloha ka 1984
Sekgahla sa Ho Tswa Kotsi 2002
Sekgahla sa Ho Tswa Kotsi 1994
tsa ntlafalo
Sekgahla se setlehadi ho tloha ka 1984
Merafo ya Kgauta
Merafo ya Mashala
Merafo ya Polatinamo
Merafo ya Taemane
Ka bobedi dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi bakeng sa ?Merafo Kaofela? di bontshitse ntlafalo e hlokehang haesale ho tloha ka Khomishene ya Dipatlisiso ya Leon ka 1994. Dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi tsa merafo ya kgauta di ntlafetse mme sekgahla sa ho tswa kotsi se tlase ka ho fetisisa dilemong tse leshome le metso e robong e fetileng. Leha ho le jwalo, merafo ya kgauta e ntse e ikarabela bakeng sa palo e kgolohadi ya mafu le ho tswa kotsi indastering ya merafo ya Afrika Borwa. Sekgahla sa mafu sa merafo ya mashala se bontshitse ntlafalo e bonahalang mme sekgahla sa ho tswa kotsi sona se bontshitse ntlafalo e tsitsitseng. Leha ho le jwalo, dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi bakeng sa merafo ya polatinamo di nnile tsa mpefala ka ho bonahalang, mohlomong ka lebaka la keketseho ya palo ya basebetsi ba ka tlasa lefatshe. Sehlahiswa sena ke se bakang ho kgathatseha ka ho ikgethang kaha mokga wa polatinamo o jara boikarabelo bakeng sa mafu a etsang 18.4% a mafu ohle a 2002, papisong le a 5% ka 1994. Dikgahla tsa mafu le ho tswa kotsi merafong ya taemane di atisa ho fetofetoha selemo le selemo. Ka 2002, sekgahla sa mafu se nnile sa mpefala ka ho bonahalang, empa sekgahla sa ho tswa kotsi se ile sa ntlafala.
Kantle ho ditshebetso tsa merafo ya polatinamo le ya taemane, ho ka bonahala ntlafalo dikgahleng tsa mafu le tsa ho tswa kotsi merafong kaofela. Leha ho le jwalo, ho ya ka Lekgotla la Diminerale la Australia, basebetsi ba merafo ba Afrika Borwa ba tjamelane le kotsi e ka bang e mehananeng hararo ya ho ka hlokahala mosebetsing ho e na le basebetsi ba Australia kapa ba United States. Palohare ya Dikgahla tsa Bokgafetsa ba Dikotsi tse Bolayang ho ya ka milione ya dihora tse sebeditsweng dilemong tse leshome tsa 1991-1992 ho isa ho 2000-2001 e ne e le:
Afrika Borwa 0.37
Leha e le hore diphapang tse bonahalang di ka ba teng ka lebaka la mofuta wa ho rafa o sebetswang le phapang e teng ho maemo a kotsi a merafo, di hloka ditaolo tse kgolwanyane le tse sebetsang hantle ho feta. Kahoo he, indasteri ya Afrika Borwa e tshwanetse ho fokotsa kotsi e ka hlahang eo basebetsi ba yona ba leng kgahlamelong ya yona ha jwale hore e be papisong e tshwanang le ditlwaelo tsa matjhaba tsa tshebetso e kgabane. Kaha ponelople ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong e le ho fihlella maemo a amohelehileng mona lapeng le a ka bapiswang le a dinaha tsa matjhaba, bo tla tswela pele ho phehella ho thusa indasteri ho fihlella maemo ana.
Tlhophiso ya dikotsi
Dipalopalo di bontsha hore ho heleha ha mafika e sa ntse e le mokgahlelo o moholohadi wa dikotsi le sesosa se ka sehloohong sa mafu merafong ya Afrika Borwa (tadima Setshwantsho sa 5), mme mokga wa kgauta o ikarabela bakeng sa tekanyetso e kgolohadi ya tsona ka bobedi. Tahlehelo ya maphelo le palo ya dikotsi tse mpe tse tswileng ha jwale indastering di ka fokotswa haholo ka ho kgetha le ho kenya tshebetsong maqheka a loketseng a teng ha jwale a taolo le ho netefatsa hore ho bolokwa ka matla maemo a taolo ya mekga.
Metjhine e tsamayang le dikotsi tsa dipalangwang di emetse mokgahlelo wa bobedi o moholohadi wa dikotsi. Tsona di bakwa ke maemo a tlase a tliswang ke dikgaello mekgweng ya botsamaisi ya merafo. Ke sepheo sa Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ho netefatsa hore boramosebetsi ba hlwaya dikotsi le ho lekanya dikotsi tse ka hlahang hore ba behe mehato ya ho di fedisa, ho di laola le ho di fokotsa. Kahoo he, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo thusa merafo ho hlahisa ditwaleo tse molemohadi tsa tshebetso ho netefatsa ho rafshwa ho bolokehileng ha diminerale.
Bophelo bo Botle Mosebetsing
Dipalopalo tsa Bophelo bo Botle Mosebetsing
Ka nako ya Khomishene ya Leon, ho ne ho na le dipalopalo tse tshepahalang tse fumanehang bakeng sa malwetse a mosebetsing a bakwang ke ho sebetsa indastering ya merafo ya Afrika Borwa. Ka bomadimabe, dintlha tse phethahetseng le tse tshepahalang di sa ntse di sa fumanehe naha ka bophara. Pokello ya Dintlha tsa Malwetse a Mosebetsing Merafong ya Afrika Borwa (South African Mines Occupational Diseases Database - SAMODD) ke hona e qalang ho bokella disampole tse nyane tsa dintlha. Kaha ditlaleho tsa bophelo bo botle ho tswa merafong ha e so be ntho e qobellang tlasa ditaelo tsa molao, ke boikarabelo ba merafo ho teka diforomo tsa dintlha ho Pokello ya Dintlha tsa Malwetse a Mosebetsing Merafong ya Afrika Borwa (SAMODD) bakeng sa diphuputso tsa nako e tlang le thibelo ya malwetse a mosebetsing.
Nakong ya ho feta, kamano pakeng tsa dikgahlamelo tse kotsi le malwetse a amanang le mosebetsi e ne e sa ngolwa hantle fatshe kapa ho utlwisiswa, mme sena sa lebisa ditokisong tse sa sebetseng hantle tsa thibelo. Kahoo he, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo hlahisa Pokello ya Dintlha tsa Tlhweko Mosebetsing ho rekota, ho lebela le ho laola kamano ena. Pokello ena ya dintlha hape e tla hokahangwa le mekgwa e meng ya lefapha e jwalo ka SAMRASS le SAMODD ho hlwaya mesebetsi le dibaka tsa tshebetso tse nang le dikotsi tse hodimo.
Malwetse a matshwafo mosebetsing le kgahlamelo ya disilafatsi tsa moyeng
Malwetse a matshwafo mosebetsing ke sesosa se seholohadi se ka thibelwang sa ho penshena pele ho nako mmoho le ho hlokahala hara batho ba sebetsang indastering ya merafo ya Afrika Borwa. Malwetse a matshwafo a amanang le lerole a kupetsa dikotsi tsa merafong ka palo ya basebetsi ba amehang. Hara batho ba mosebetsing merafong kaofela ka 1998, sekgahla sa mafu e ne e le 0.85 ho ya ka batho ba 1000 mme ho ile ha tlalehwa batho ba 6 064 ba tswileng dikotsi (tse 14.1 ho ya ka batho ba 1000). Ka papiso, ho ile ha ba le ditifikeiti tse 5 603 tse ntjha kapa tse ntjhafaditsweng bakeng sa nyomokhoniosis e nang le lefuba kapa e se nang lefuba le palo e ka nnqane ho 5 000 ya diketsahalo tse ntjha tsa lefuba (
20 ho ya ka ba 1000).
Malwetse a bohlokwa ka ho fetisisa a matshwafo mosebetsing a amanang le merafo ke malwetse a bakwang ke lerole la diminerale, bolwetse bo sa feleng ba ho thibana ha methapo ya madi (COPD), dikankere tsa mosebetsing, asma ya mosebetsing, le ho tswa kotsi ka lebaka la ho hema ho tshwanang le ho bakwang ke naetrojendayoksaete le mollo. Ditlamorao tsena tse mpe di bakwa haholoholo ke ho hema disilafatsi tsa moyeng. Ka lebaka la sebopeho sa dikarolwana tsa tsona, disilafatsi tsa moyeng ka kakaretso di ka behwa ka dihlopha tsa marole, mesi, mehudi, dikgase le diphofudi.
Selemo sa 2002 se bile le phokotseho e butle-butle feela kgahlamelong ya basebetsi ke disilafatsi tsa moyeng (tadima hlohlomiso ya 2). Leha ho na le phokotseho ena, ha se ntho e sa lebellwang ho bona palo ya ditleleime tsa ditlhapiso e nyoloha ka lebaka la ho dieha ha bohloko ba malwetse a mosebetsi ho hlahisa mokgwa. Kaha thibelo e feta setlhare, kotsi e tshwanetse ho laolwa sesoseng sa yona. Mabapi le ho fokotsa kgahlamelo ya basebetsi ho disilafatsi, maikarabelo a jariswa ramosebetsi. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo ile ba phatlalatsa Tataiso ho sireletsa le ho ntlafatsa bophelo bo botle ba basebetsi ka ho lebela le ho fokotsa kgahlamelo ya bona ho disilafatsi tsa moyeng. E fana ka motheo o babatsehang wa ho lekanya kgahlamelo ya bona. Ho ya ka Khoutu ya Tsamaiso, morafo o mong le o mong o tshwanetse ho bea mehato ya taolo ho fokotsa dikotsi tsena tse ka nnang tsa hlaha. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo kgothaletsa boramosebetsi ho lebela le ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong ho sebetsang hantle ha mehato ya taolo.
Lerata le nnile ka ho tswelang pele la amohelwa jwalo ka kotsi e bonahalang ho bophelo bo botle ba basebetsi indastering ya merafo Afrika Borwa. Indasteri e ile ya hlahisa Mananeo a Paballo ya Kutlo (HCPs) selemong sa 1988. Ka mora moo, mananeo ana a nnile a ba a qobellang hobane mekgwa ya ditshebetso tse hlokang basebetsi ba bangata e neng e tlwaelehile ditshebetsong tse ngata tsa ho rafa diminerale le ho di sebetsa e ne e ba le sephetho sa hore palo e kgolo ya batho e hahlamelwe ke lerata le ka nnqane ho moedi o bolokehileng o amohetsweng semolao wa 85 dB.
Diphetoho ditlhokong tsa ho lekanya ditleleime tsa ditlhapiso di ile tsa nyolla sekgahla sa tahlehelo ya kutlo e bakwang ke lerata ditshebetsong tsa merafo tsa Afrika Borwa. Ditlhoko tse lekodisisitsweng botjha di ile tsa fokotsa moedi wa ditlhapiso ho tloha ho 42 ho ya ho 26 dB jwalo ka palohare ya tahlehelo ya kutlo, ho kenyeletswa le ditahlehelo tse ho 3000 Hz. Ho tloha ho kengweng tshebetsong ha ditlhoko tse lekodisisitsweng botjha (Taelo ya ka Hare ya bo-168 ya 1995 ya Mokomishenara wa Ditlhapiso tsa Basebetsi), tekanyetso ya ditleleime tsa ditlhapiso bakeng sa tahlehelo ya kutlo indastering ya merafo di nnile tsa nyoloha.
Palo ya Diketsahalo
Hlohlomiso ya 4 e bontsha ditlhapiso tse lefuweng haesale ho tloha ka 1997. Sena se re neha kakanyo ya boholo ba bothata ba Tahlehelo ya Kutlo ka Lebaka la Lerata nakong e fetileng. Leha ho le jwalo, bokamoso le bona ha bo kgothatse kaha ho akangwa hore pakeng tsa dipersente tse 68 le tse 80 tsa basebetsi ba merafong ba hahlamelwa ke palohare ya boima ba nako e etsang 85 dB kapa ho feta, mme sena se bontsha kotsi e bonahalang ya tahlehelo ya kutlo bakeng sa bongata ba basebetsi ba indasteri ena.
Leha ho na le Mananeo a Paballo ya Kutlo (HCPs), boenjinere ba taolo ya lerata le mehato ya tsamaiso ya ho laola kotsi e ka hlahang, bothata bona bo dula bo le boholo. Ho hlokahala tshebedisano ya basebetsi bohle ho fokotsa dikotsi tse ka bang teng tsa ho thibela tahlehelo ya kutlo kaha basebetsi ba na le maikarabelo a ho sireletsa bophelo ba bona bo botle le polokeho ya bona, ekasita le tsa batho ba bang ba angwang ke mesebetsi ya merafong.
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)
Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo dula ka ho tswelang pele bo nyalanya mesebetsi ya bona le tse tlang pele-pele ho ya ka leano ka hara naha, tse tsamaisanang le maikemisetso a bona. Bo fana ka tshebeletso ho merafo e seng ya molao le e menyane ka ho tshehetsa thupelo le ntshetsopele lekaleng la Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing, hore ho fokotsehe bofuma le ho se lekalekane. Bo eletsa merafo mabapi le melao mme bo fana ka thuso tlhalosong ya mealo eo. Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong bo boetse bo thusa matsapa a ho lwantshana le HIV/AIDS ka tshehetso ya bona ya matsapa a jwalo ka Projeke ya Powerbelt le matsholo a mang a ho tlisa temoho.
Diphetoho tsa moraorao tjena ka hara Bohlahlobi mmoho le melao e laolang bophelo bo botle le polokeho merafong ke dintho tseo kaofela di neng di tobisitswe ho ntlafatseng tshebetso ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing indastering, ho netefatsa ho rafshwa ho bolokehileng ha diminerale tlasa maemo a tshebetso a nang le bophelo bo botle. Kahoo he, Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong ka ho tswelang pele bo phehella ho fihlella sepheo sena le ho ntlafatsa tshebetso ya nako e ka pele.
Dintlha tsa bao ho ka Iteangwang le Bona
Ke mang eo ho hlokahalang hore a utlwe ka Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong (MHSI)?
Motho ofe kapa ofe ya sebetsang kapa ya nang le setho sa lelapa kapa metswalle e sebetsang merafong.
Ke hokae moo nka fumanang ho eketsehileng mabapi le Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong?
Tlaleho ya Selemo le Selemo ya Mohlahlobi ya ka Sehloohong
Weposaete ya inthanete ya Lefapha la Diminerale le Eneji:
Lefapha la Diminerale le Eneji
Mohala: +27 317-9000
Ebe kantoro ya naha ya Bohlahlobi ba Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong e hokae?
E phatlaladitswe ka 2003 ke Lefapha la Diminerale le Eneji Afrika Borwa
Tlotlontswe ya Dikgutsufatso
